1 Samuele 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bafilesta ba ema thabeng e nngwe, Baiseraele le bona ba ema thabeng e maloka le yona, thota e le teng mahareng a bona. BIBELE Bafilesita ba ne ba eme hodima thaba, ka lehlakoreng lane, Baiseraele le bona ba eme hodima thaba, ka lehlakoreng lena, kgohlo e le pakeng tsa bona. |
Saule le banna ba Iseraele le bona ba phutheha, ba tla, ba emisa pela sekgutlo sa Ela, mme ba hlopholla makgotla ho ya kgahlanyetsa Bafilesta.
Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.