Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.
1 Samuele 11:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba. BIBELE Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: ‘Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa.’ ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba. |
Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.
banna bohle ba matla ba ya, ba tlosa setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae, ba di tlisa Jabeshe. Ba pata masapo a bona tlasa sefate sa terebinthe se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.
Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong.
Ha ho le jwalo, banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hosasane, re tla tswela ho lona, le tle le etse ka rona kahohle kamoo le ratang kateng.
Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.