Etlare hobane letsatsi le dikele, etlaba o hlwekile, a ka ja dintho tse kgethehileng; hobane ke dijo tsa hae.
1 Bakorinthe 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na? BIBELE Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa? Baasraak Sotho NT Na ha re na matla a ho ja le ho nwa? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na ha re na matla a ho ja le ho nwa? |
Etlare hobane letsatsi le dikele, etlaba o hlwekile, a ka ja dintho tse kgethehileng; hobane ke dijo tsa hae.
leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.
Le hona ha re a ka ra batla poko ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang; leha re ne re lokela ho ipea boholo, kahobane re baapostola ba Kreste.
Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.