1 Bakorinthe 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele. BIBELE Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane. Baasraak Sotho NT Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo. |
Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.
Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.
Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.
Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?