Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
1 Bakorinthe 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng. BIBELE Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng. Baasraak Sotho NT Hobane ke rerile ho se tsebe letho hara lona, haese Jesu Kreste, le yena ya thakgisitsweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ke rerile ho se tsebe letho hara lona, haese Jesu Kreste, le yena ya thakgisitsweng. |
Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
Jo! Bagalata, mawatla ting! na le loilwe ke mang, ha le tla lesa ho utlwa nnete, lona bao Jesu Kreste a kileng a tshwantshwa pela mahlo a lona, jwaloka hoja a thakgisitswe hara lona?
Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.