1 Bakorinthe 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo. BIBELE Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela. Baasraak Sotho NT Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o ho yena? ka mokgwa o jwalo ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang, haese Moya wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o ho yena? ka mokgwa o jwalo ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang, haese Moya wa Modimo. |
Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.
Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.
Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.