La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Yuda 1:11 - Baasraak Sotho NT

Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.

Ver Capítulo

BIBELE

Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.

Ver Capítulo



Yuda 1:11
21 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe wena Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! gobane mehlolo ye e dirilwego go lena ge e ka be e dirilwe Tiro le Sidone, nkabe e sa le kgale ba itshola ba apere lešela la mokotla le molora.


Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;


ba furaletseng tsela e lokileng, ba kgelohile ka ho latela tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo;


E seng jwaloka Kaine, eo e neng e le wa e mobe, mme a bolaya ngwanabo. Mme o mmolaile keng? Hobane mesebetsi ya hae e ne e le mebe, mme ya ngwanabo e lokile.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.