Tite 1:3 - Baasraak Sotho NT Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona. Sesotho 1909/1961 (SO) mme o senotse nakong ya teng lentswe la wona, ka polelo eo ke e laetsweng ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, BIBELE Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona. |
Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.
O entse ditjhaba tsohle tsa batho ho tswa mading a le mong, hore di ahe hodima lefatshe lohle, mme o rerile dinako tse beilweng pele, le meedi ya ho aha ha tsona;
ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.
Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.
Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.
Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;
e le hore tsamaisong ya nako e tletseng a tle a bokelle nthong tsohle ho Kreste, tse mahodimong le tse lefatsheng; le ka ho yena:
hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle;
Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;
tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;
Empa jwalokaha re le ba dumetsweng ke Modimo ho bewa boikarabelo ba Evangeli, re bua jwalo; e seng jwaloka ho kgahlisa batho, empa e le ho kgahlisa Modimo, ya lekang dipelo tsa rona.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona;
Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.
Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.
e seng ka bonyatsi, a mpe a bontshe botshepehi bo botle bohle; ba tle ba kgabise thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, nthong tsohle.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;