La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 7:6 - Baasraak Sotho NT

Le se ke la nea dintja se halalelang, mme le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere tsa di hatakela ka maoto, mme tsa sokoloha, tsa le harola.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.

Ver Capítulo

BIBELE

“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le se ke la nea dintja se halalelang, mme le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere tsa di hatakela ka maoto, mme tsa sokoloha, tsa le harola.

Ver Capítulo



Mattheu 7:6
18 Referencias Cruzadas  

Empa a araba, a re: Ha ho a tshwanela ho nka bohobe ba bana, le ho bo akgela dintja.


Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana.


Moikaketsi ke wena, ntsha pele leballo le ka leihlong la hao; ke moo o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.


Ka maeto hangata, dikotsing tsa metsi, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing ke ba heso, dikotsing ke bahetene, dikotsing motseng, dikotsing lefeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing hara baena ba bohata.


Itiseng ho lintja, le itebele ho basebetsi ba khopo, le itebele ho ba poho.


Le lekanya hakakang, ha le ka lekanya hore o lokelwa ke kotlo e fetisang hakakang, ya hatang Mora wa Modimo ka maoto, a nkang madi a selekane, ao a halaleditsweng ka wona, e le ntho e sa halaleleng, mme a nyedisitse Moya. tsa mohau?


Haeba ba ka kweneha, ho ba ntjhafaletsa pakong; ka ha ba boela ba thakgisa Mora wa Modimo, mme ba mo hlabisa dihlong pepeneneng.


Empa ho ba hlahetse ho ya ka maele a nnete, a reng: Ntja e kgutletse mahlatseng a yona; le kolobe e tlhapisitsweng e ya go ipitika mo seretseng.


Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.