Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.
Mattheu 7:26 - Baasraak Sotho NT E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa etse ka tsona, a ka tshwantshwa ka monna ya lewatla, ya hahileng ntlo ya hae lehlabatheng; BIBELE Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. |
Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.
Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya se ke ya wa: hobane e ne e theilwe hodima lefika.
Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya wa: mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.
Empa ya utlwang, mme a sa etse, o jwaloka motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo; ke moo noka e ileng ya otla ka matla, mme hanghang ya wa; mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.
Empa na o rata ho tseba, wena motho wa lefeela, hoba tumelo e se nang mesebetsi e shwele?