Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.
Mattheu 5:44 - Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; BIBELE Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle; |
Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.
Empa Pauluse a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ikgobatsa, hobane re teng kaofela.
A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang; empa kamehla le latele se molemo, hammoho le ho batho bohle.
Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;
le se ke la busetsa bobe ka bobe, le mahlapa ka nyefolo; le ntse le tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue lehlohonolo.