Mattheu 5:21 - Baasraak Sotho NT Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo; Sesotho 1909/1961 (SO) Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo. BIBELE “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: ‘O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.’ Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le utlwile ho thwe: O se ke wa bolaya; mme e mong le e mong ya bolayang, o tla tshwanelwa ke kahlolo; |
Hape, le utloile hore ho itsoe ke batho ba boholo-holo: U se ke ua hlapanya, u mpe u phethe likano tsa hao ho Jehova.
E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya nang le bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.