Mattheu 28:9 - Baasraak Sotho NT Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. BIBELE Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela. |
Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.
Ba tloha kapele lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo; mme a matha ho ya bolella barutuwa ba hae.
A ema maotong a hae kamora hae, a lla, mme a qala ho mo hlatswa maoto ka meokgo, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a aka maoto a hae, mme a a tlotsa ka setlolo.
Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda ya nareda ya sebele, e theko e boima, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo.
Yare mantsiboya, e leng letsatsi la pele la beke, menyako ya moo barutuwa ba neng ba phuthehetse teng e kwetswe, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!
Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.
Bona, ke tla o neela ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba bua leshano; bona, ke tla etsa hore ba tle ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tle ba tsebe hoba ke o ratile.