Mattheu 28:7 - Baasraak Sotho NT Eyang kapele, le bolelle barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; mme bonang, o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng: bonang, ke le boleletse. Sesotho 1909/1961 (SO) Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse. BIBELE Le phakise le yo bolella barutuwa ba hae, le re: ‘O tsohile bafung, mme o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng.’ Jwale ke le boleletse.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eyang kapele, le bolelle barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; mme bonang, o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng: bonang, ke le boleletse. |
Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.
Ba tloha kapele lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo; mme a matha ho ya bolella barutuwa ba hae.
Empa ke le boleletse taba tseo, hore mohla nako e fihlang, le hopole hobane ke le boleletse tsona. Mme taba tseo ha ke a ka ka le bolella tsona ho tloha qalong, kahobane ke ne ke ena le lona.
Kamora tseo, a iponahatsa ho baena ba fetang makgolo a mahlano ka nako e le nngwe; bao bongata ba bona bo saletseng ho fihlela jwale, empa ba bang ba robetse.