A fetoha ponahatso pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.
Mattheu 28:3 - Baasraak Sotho NT Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka lehadima, le diaparo tsa hae di le tshweu jwaloka lehlwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa. BIBELE Sebopeho sa lona se ne se ka lehadima, mme seaparo sa lona se ne se le sesweu jwaloka lehlwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka lehadima, le diaparo tsa hae di le tshweu jwaloka lehlwa. |
A fetoha ponahatso pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.
Yare ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se selelele se sesweu; mme ba tshoha.
Diaparo tsa hae tsa benya, tsa eba tshweu jwaloka lehlwa; hoo ho seng mohlatswi lefatsheng ya ka sweufatsang.
A bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng.
Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi ba ema pela bona, ba apereng diaparo tse tshweu;
Yaba ke bona lengeloi le leng le matla le theoha lehodimong, le apere leru, le rwetse mookodi hloohong, sefahleho sa lona e ka letsatsi, le maoto a lona e ka dipilara tsa mollo.
Kamora tseo, ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya hae.