Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Mattheu 28:17 - Baasraak Sotho NT Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. BIBELE Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. |
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela.
Kamora tseo, a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong, mme a ba kgalemela ka ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba ne ba sa dumele ba mmoneng ha a se a tsohile bafung.
hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.
Bao a iponahatsang ho bona a phela, ka mora lefu la hae, ka bopaki bo bongata bo sa foseng, a bonwa ke bona ka matsatsi a mashome a mane, mme a bolela tsa mmuso wa Modimo.
Kamora tseo, a iponahatsa ho baena ba fetang makgolo a mahlano ka nako e le nngwe; bao bongata ba bona bo saletseng ho fihlela jwale, empa ba bang ba robetse.