A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.
Mattheu 27:66 - Baasraak Sotho NT Ba ya, ba tiisa lebitla, ka ho tiisa lejwe, mme ba bea balebedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi. BIBELE Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba ya, ba tiisa lebitla, ka ho tiisa lejwe, mme ba bea balebedi. |
A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.
Yare ba sa tsamaya, bonang, ba bang ba balebedi ba tla motseng, ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.
Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.
Ka tsatsi la pele la veke, Maria Magdalena a tla lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.
Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.
La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;