Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole, hara bona ho le Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome;
Mattheu 27:55 - Baasraak Sotho NT Mme basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, ba neng ba latetse Jesu ha a etswa Galelea, ba mo sebeletsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, e le ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba mo sebeleditseng. BIBELE Jwale basadi ba bangata, ba neng ba ile ba latela Jesu ho tloha Galelea, ba ntse ba mo sebeletsa, ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, ba neng ba latetse Jesu ha a etswa Galelea, ba mo sebeletsa. |
Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole, hara bona ho le Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome;
(bao le bona ba neng ba mo latela ha a sa le Galelea, ba mo sebeletsa), le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse le yena Jerusalema.