Eitse ha a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba le monna eo ya lokileng;
Mattheu 27:4 - Baasraak Sotho NT a re: Ke sitilwe, ka ho eka madi a se nang molato. Ba re: Taba eo e re amang? bona seo. Sesotho 1909/1961 (SO) a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng. BIBELE a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Ke sitilwe, ka ho eka madi a se nang molato. Ba re: Taba eo e re amang? bona seo. |
Eitse ha a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba le monna eo ya lokileng;
Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.
A re ho bona kgetlo la boraro: Hobaneng, o entse bobe bofe? Ha kea fumana molato oa lefu ho eena;
Yare ha molaodi wa lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: Ruri, motho eo e ne e le ya lokileng.
Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
Jwale re a tseba hore tsohle tseo Molao o di bolelang, o di bolella ba tlasa Molao, hore melomo yohle e thijwe, mme lefatshe lohle le be molato pela Modimo.
Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.
Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;
E seng jwaloka Kaine, eo e neng e le wa e mobe, mme a bolaya ngwanabo. Mme o mmolaile keng? Hobane mesebetsi ya hae e ne e le mebe, mme ya ngwanabo e lokile.
Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.