Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
Mattheu 27:21 - Baasraak Sotho NT Mmusisi a araba, a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase. Sesotho 1909/1961 (SO) Mmusisi a boela a bua, a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase. BIBELE Mmusisi a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe ho bao ba babedi?” Ba re: “Barabase!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mmusisi a araba, a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase. |
Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu a bolawe.
Pilato a re ho bona: Jwale, ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!
Empa balemi, ha ba mmona, ba eletsana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.