Mattheu 26:46 - Baasraak Sotho NT Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse. Sesotho 1909/1961 (SO) Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi. BIBELE Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse. |
A re a sa bua, ha fihla Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le leholo le tshwereng disabole le melamu, le tswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.
Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona; mme ke tshwenyehile hakakang ho fihlela e phetheha!
Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona.
Petrose a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a neng a mo rata a latela. ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae ha ba le selallo, a re: Morena, ya o ekang ke ofe?
Pauluse a araba, a re: Le etsang, ha le lla, le ho ntlhomola pelo? hobane ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa le ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.