Mattheu 26:40 - Baasraak Sotho NT A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha a etla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Le sitilwe jwang ke ho fadimeha le nna hora e le nngwe na? BIBELE A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? |
Petrose a re ho yena: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.
A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
A tla, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: Simone, na o robetse? A o ne o sa kgone go disa nako e le nngwe fela?
Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba.