Jwale ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ea nang le litsebe ho utloa a utloe.
Mattheu 26:29 - Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: Ho tloha jwale ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho fihlela tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha Mmusong wa Ntate. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke re ho lona: Ho qala nakong yona ena, ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha, mmusong wa Ntate. BIBELE Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: Ho tloha jwale ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho fihlela tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha Mmusong wa Ntate. |
Jwale ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ea nang le litsebe ho utloa a utloe.
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.
Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.
le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.
Kannete ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa se setjha mmusong wa Modimo.
Ho ne ho loketse hore re thabe, mme re thabe, hobane ngwaneno enwa o ne a shwele, mme o boetse o a phela; mme o ne a lahlehile, mme o fumanwe.
Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tle e be e tletseng.
Le lona jwale le saretswe, empa ke tla boela ke le bona, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya le amohang thabo ya lona.
Jwale ke tla ho wena; mme taba tseo ke di bolela ke sa le lefatsheng, hore ba tle ba be le thabo ya ka e phethehileng ho bona.
E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.
Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.
Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.