A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera.
Mattheu 26:16 - Baasraak Sotho NT Ho tloha mohlang oo a batla sebaka se loketseng sa ho mo eka. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena. BIBELE Ho tloha moo a batla monyetla wa ho ba neela yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha mohlang oo a batla sebaka se loketseng sa ho mo eka. |
A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera.
Ka letsatsi la pele la mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: “O rata hore re o lokisetse kae, o tle o je Paseka?
Yare ha ba utlwa hoo, ba thaba, mme ba tshepisa ho mo nea tjhelete. Mme a batla kamoo a ka mo ekang kateng, ha ho le molemo.
A ba a dumela, mme a batla sebaka se loketseng sa ho ba neela yena letshwele le le siyo.
Yare ha a ntse a bolela tsa ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felikse a tshoha, a araba, a re: “Hona jwale, tsamaya; mohla ke nang le nako, ke tla o bitsa.
Ha e le Apolose, ngwanabo rona, ke mo qela haholo hore a tle ho lona le badumedi. empa o tla tla ha a e-na le nako.