Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela.
Mattheu 24:48 - Baasraak Sotho NT Empa ha mohlanka eo e mobe a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla; BIBELE Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: ‘Monga ka o dieha ho tla,’ Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha mohlanka eo e mobe a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; |
Yaba morena wa hae a mmitsa, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo ke wena, ke o lebaletse molato oo kaofela, kahobane o ile wa nthapela.
Mong wa hae a araba, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka jala.
Hobane ka hare, pelong tsa batho, ho tsoa mehopolo e mebe, le bofebe, le bohlola, le lipolao;
Empa ha mohlanka eo a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; mme a qala ho otla bahlanka le barwetsana, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa;
Mme a re ho yena: O mohlanka ya kgopo, ke tla o ahlola ka molomo wa hao! O tsebile hobane ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala;
Eitse ha selallo se fela, Diabolose o se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, hore a mo eke.
Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?
Ka baka leo, bakela bokgopo bona, mme o rapele Modimo, hore mohlomong o ka tshwarelwa mohopolo wa pelo ya hao.