Jesu a re ho bona: Na ha le bone tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.
Mattheu 23:38 - Baasraak Sotho NT Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi. Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi, BIBELE Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi. |
Jesu a re ho bona: Na ha le bone tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.
Empa etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa tshwanelang, ya balang a utlwisise, mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng.
Etlare ha le bona Jerusalema e teetswe hare ke makgotla a makgotla, le tsebe hoba tshenyeho ya yona e haufi.
Ba tla wa ka bohale ba lerumo, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethehe mehla ya ditjhaba.
Haele tseo le di bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona ho ke keng ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa.