Mattheu 23:11 - Baasraak Sotho NT Empa e moholo hara lona e tla ba mohlanka wa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa e moholo ho lona e tla ba mohlanka wa lona. BIBELE E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa e moholo hara lona e tla ba mohlanka wa lona. |
Yaba o dula fatshe, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Ekare ha motho a rata ho ba wa pele, e tla ba wa morao ho bohle, le mohlanka wa bohle.
Hobane le hoja ke lokolohile ho batho bohle, ke ikentse mofo wa bohle, hore ke rue ba bangata.
Na ke basebeletsi ba Kreste? (Ke bua jwaloka sethoto) ke fetisa ka boholo; ka ditapisetso tse ngata ho fetisa, ka lichapo tse fetisisang, lichankaneng hangata, le lefung hangata.
Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.
Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.