Petrose a re ho yena: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.
Mattheu 20:22 - Baasraak Sotho NT Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba. BIBELE Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona. |
Petrose a re ho yena: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.
A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;
A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.
Empa tsena tsohle di etsahetse hore ho phethehe Mangolo a baporofeta. Yaba barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona; mme ke tshwenyehile hakakang ho fihlela e phetheha!
Ka mokgwa o jwalo Moya le wona o re thusa mefokolong ya rona, hobane ha re tsebe seo re ka se kopang kamoo re tshwanelang kateng;
Le a kopa, mme ha le amohele, kahobane le kopa hampe, hore le tle le je ka ditakatso tsa lona.