Mattheu 20:21 - Baasraak Sotho NT A re ho yena: O batlang? A re ho yena: Etsa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi. BIBELE Jesu a re ho yena: “O batlang?” A re ho yena: “Laela hore Mmusong wa hao bara bana ba ka ba babedi ba tle ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho yena: O batlang? A re ho yena: Etsa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi. |
Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona.
Jesu a araba, a re ho yena: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Morena, ke tle ke boele ke bone.
Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.
Yare ha moradi wa Herodiase a kena, a tjeka, mme a kgahlisa Heroda le ba dutseng le yena, morena a re ho morwetsana: Nkope seo o se batlang, mme ke tla o fa sona.
Eitse ha ba utlwa taba tseo, a eketsa ka ho bolela papiso, kahobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba re mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.
Mme qabang ya boela ya eba teng hara bona ya hore ke ofe ho bona ya ka bolelwang e le e moholo.
Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.
Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: Morena, na o tla busetsa mmuso wa Iseraele ka nako ee na?
Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.
Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.