Mattheu 18:4 - Baasraak Sotho NT Mang kapa mang ya tla ikokobetsa jwaloka ngwana enwa, ke yena e moholo mmusong wa mahodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo; BIBELE Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mang kapa mang ya tla ikokobetsa jwaloka ngwana enwa, ke yena e moholo mmusong wa mahodimo. |
A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.
Hobane e mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa.
A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;
Ka mokgwa o jwalo, le lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. E, lona bohle, le ipee e mong e mong ho e mong, mme le apare boikokobetso;