Mattheu 18:34 - Baasraak Sotho NT Mme morena wa hae a halefa, a mo neela bahlorisi, ho fihlela a lefa molato wa hae kaofela. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae. BIBELE Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme morena wa hae a halefa, a mo neela bahlorisi, ho fihlela a lefa molato wa hae kaofela. |
Na le wena o ne o sa tshwanela ho hauhela mohlanka mmoho le wena, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?
Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona.
Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.