Mattheu 15:26 - Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ha ho a tshwanela ho nka bohobe ba bana, le ho bo akgela dintja. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana. BIBELE Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ha ho a tshwanela ho nka bohobe ba bana, le ho bo akgela dintja. |
Yena a re: Ke nnete, Morena, leha ho le jwalo dintja di ja makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
Le se ke la nea dintja se halalelang, mme le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere tsa di hatakela ka maoto, mme tsa sokoloha, tsa le harola.
Baiseraele ke bo-mang; e leng ho nkelwa bana, le kganya, le dilekane, le ho newa molao, le tshebeletso ya Modimo, le ditshepiso;
Ka nako eo le ne le se na Kreste, le le basele le setjhaba sa Iseraele, le le basele dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.