Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang;
Mattheu 14:36 - Baasraak Sotho NT Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela; Sesotho 1909/1961 (SO) Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola. BIBELE Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela; |
Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang;
Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame.
Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.
Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme a fodisa bohle.
Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.
Ekare ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe; a le nkgalefela, kahobane ke fodisitse motho kahohle ka tsatsi la Sabatha na?
Leina la gagwe ka go dumela mo leineng la gagwe le nonotshitse monna yo, yo lo mmonang, lo lo mo itseng;