Mattheu 14:28 - Baasraak Sotho NT Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi. BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. |
Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale?
Empa a eketsa ho bua ka matla, a re: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Ka mokhoa o tšoanang le bona ba boletse kaofela.
Simone Petrose a mo araba, a re: Morena, re tla ya ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.
Empa a a kope ka tumelo, a sa belaele letho. Etsoe ea qeaqeang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le ho akhotsoa.