E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.
Mattheu 13:39 - Baasraak Sotho NT Mmaba yo o e jadileng ke Diabolo; thobo ke bofelo jwa lefatshe; mme bakotuli ke mangeloi. Sesotho 1909/1961 (SO) sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi. BIBELE Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mmaba yo o e jadileng ke Diabolo; thobo ke bofelo jwa lefatshe; mme bakotuli ke mangeloi. |
E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.
Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.
A re ho bona: Ke sera se entseng hoo. Bahlanka ba re ho yena: Hleka o rata ha re ka ya ho di bokella na?
Jwaloka ha mofoka o bokellwa, o tjheswa mollong; ho tla ba jwalo qetellong ya lefatshe lena.
Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng;
Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?
Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.
le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.
Tsena tsohle di ile tsa ba hlahela hore e be mehlala, mme di ngotswe hore e be temoso ho rona ba fihletsweng ke mehla ya bofelo.
Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.
Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.
Mehleng ena ya bofelo o buile le rona ka Mora wa hae, eo a mmeileng mojalefa wa dintho tsohle, eo ka yena a entseng mafatshe.
Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;
Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete.
Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.
Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.
Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.