Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Mattheu 10:8 - Baasraak Sotho NT Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela. Sesotho 1909/1961 (SO) Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela. BIBELE Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela. |
Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Ba tla tshwara dinoha; mme leha ba nwele ntho e bolayang, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.
Petrose a re: Silevera le kgauta ha ke na tsona; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, ema, o tsamaye.
Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.