Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota, a ya ho baprista ba baholo.
Mattheu 10:4 - Baasraak Sotho NT Simone wa Mokanana, le Judase Iskariota, ya ileng a mo eka. Sesotho 1909/1961 (SO) Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu. BIBELE Simone Motjhesehi le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simone wa Mokanana, le Judase Iskariota, ya ileng a mo eka. |
Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota, a ya ho baprista ba baholo.
A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera.
Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
A re a sa bua, ha fihla Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le leholo le tshwereng disabole le melamu, le tswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.
Yaba Judase, ya mo ekileng, ha a bona hobane o ahlotswe, a baka, a busetsa ditjhelete tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le baholo.
Yaba Judase Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ya ho baprista ba baholo, ho ba neela yena.
Yare a sa bua, ha fihla Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le melamu, le romilwe ke baprista ba baholo le bangodi le baholo.
Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi.
Yare a sa bua, letshwele la bona, mme ya bitswang Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a le etella pele, mme a atamela ho Jesu ho mo aka.
Eitse ha selallo se fela, Diabolose o se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, hore a mo eke.
Empa ho na le ba bang hara lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o tsebile ho tloha qalong hore na ba sa kang ba dumela ke bo-mang, le hore na ke mang ya tla mo eka.
O ne a bua ka Judase Iskariota, mora Simone, hobane e ne e le yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.
Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.
e le hore a ka nka karolo ya tshebeletso ena le boapostola boo Judase a ileng a kgeloha ho bona, hore a ye sebakeng sa hae.