Filemone 1:21 - Baasraak Sotho NT Ke o ngoletse ke tshepile kutlo ya hao, ke ntse ke tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se bolelang. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng. BIBELE Ke o ngolla le kgodisehile hore o tla mmamela, o be o etse se fetang le seo ke se kopang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke o ngoletse ke tshepile kutlo ya hao, ke ntse ke tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se bolelang. |
Ke le ngoletse tsona tseo, e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka utlwa bohloko ka baka la bao ke tshwanetseng ho thaba ka bona; ke na le tshepo ho lona bohle, hore thabo ya ka ke ya lona bohle.
Mme re romile le bona ngwanabo rona eo hangata re mo lemohileng a le mafolofolo dinthong tse ngata, empa jwale o tjhesehela ho feta, ka lebaka la tshepo e kgolo eo ke nang le yona ho lona.
Mme re na le tshepo ho Morena malebana le lona, hore le etsa tseo re le laelang tsona, mme le tla di etsa.