Filemone 1:20 - Baasraak Sotho NT Ee, ngwaneso, a nke ke thabele wena Moreneng; Sesotho 1909/1961 (SO) E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste. BIBELE E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ee, ngwaneso, a nke ke thabele wena Moreneng; |
Hobane ekare ha ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, haese yena ya swabisitsweng ke nna?
Ke ka baka leo re tshedisitsweng matshedisong a lona, mme ra thabela thabo ya Tite ka ho fetisisa, kahobane moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.
Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa.
Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.
Empa mang le mang ya nang le tsa lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo koalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?