Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Baefese 2:8 - Baasraak Sotho NT Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo: BIBELE hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo; |
Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Eitse ha ba etla ka hora ya leshome le motso o mong, e mong le e mong a amohela denare.
Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; empa khalefo ea Molimo e lutse holim’a hae.
Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.
Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.
Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.
Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.
Ho rata ha ya nthomileng ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.
A re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa fuwe ke Ntate.
Mme botlhe ba ba dumelang ba siamisiwa ka ene mo dilong tsotlhe tse lo neng lo ka se ka lwa siamisiwa mo go tsone ka molao wa ga Moše.
Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.
Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.
Jwale ba tla bitsa jwang ho yena eo ba sa kang ba dumela ho yena? mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ka yena? mme ba tla utlwa jwang, ha ho se mmoledi?
Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.
Empa ho ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang monyefodi, tumelo ya hae e ballwa ho loka.
hore lehlohonolo la Abrahama le tle ho baditjhaba ka Jesu Kreste; re tle re amohele pallo ya Moya ka tumelo.
Empa Lengolo le hlahletse tsohle ditlamong tsa sebe, e le hore pallo e tswang tumelong ya Jesu Kreste e tle e newe ba dumelang.
le boholo bo fetisisang bo fetisisang ba matla a wona ho rona ba dumelang, ka tshebetso ya matla a wona a maholo.
Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.
Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)
Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;
Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.
ba tla otloa ka timetso e sa feleng, ba tlosoe pel’a sefahleho sa Morena, le khanya ea matla a hae;
Hobane ba kileng ba bonesetswa, ba latswa neo ya lehodimo, mme ba abelwa Moya o Halalelang, ha ho kgonehe;
Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.