Baefese 2:4 - Baasraak Sotho NT Empa Modimo, ya ruileng mohau, ka baka la lerato la wona le leholo leo a re ratileng ka lona; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Modimo, kaha e le morui wa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona, BIBELE Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Modimo, ya ruileng mohau, ka baka la lerato la wona le leholo leo a re ratileng ka lona; |
Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?
Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.
le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.
Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;
e le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.
Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;
Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.
Mme mohau wa Morena wa rona o ile wa ata ka ho fetisisa, hammoho le tumelo le lerato le ho Kreste Jesu.
Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.