Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa naha ya Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta ya motse oo.
Yuda 1:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le mangeloi a sa kang a boloka boemo ba wona ba pele, a mpa a tlohile tulong tsa wona, o a bolokile ditlamong tse sa feleng lefifing, ho isa kahlolo ya letsatsi le leholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona. BIBELE Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing. Baasraak Sotho NT Le mangeloi a sa kang a boloka boemo ba wona ba pele, a mpa a tlohile tulong tsa wona, o a bolokile ditlamong tse sa feleng lefifing, ho isa kahlolo ya letsatsi le leholo. |
Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa naha ya Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta ya motse oo.
Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;
Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako?
Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.
Empa ka baka la bothata ba hao, le ka pelo e sa bakeng, o ipolokela kgalefo ya hao ho isa letsatsi la kgalefo le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo;
Hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e mebe e sebakeng se phahameng.
Empa ho na le tebello e nngwe e tshabehang ya kahlolo le bohale bo tukang, bo tlang ho ja bahanyetsi.
Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa qenehela mangeloi a entseng sebe, wa mpa wa a dihela diheleng, wa a neela mahlaahlela a lefifi, hore a bolokelwe kahlolo;
Morena o tseba ho lopolla badumedi melekong, le ho bolokela ba kgopo ho fihlela letsatsi la kahlolo.
ke maqhubu a tjhesang a lewatle, a phokaselang dihlong tsa wona; dinaledi tse kgelohang, tse boloketsweng botsho ba lefifi ka ho sa feleng.
Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.
La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, la e tlama ka dilemo tse sekete;