Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ntumelle, ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao; mme bona, phallo e ka leihlong la hao?
Mattheu 7:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe leballo le ka leihlong la hao? Sesotho 1909/1961 (SO) O tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao? BIBELE “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao? Baasraak Sotho NT O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe leballo le ka leihlong la hao? |
Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ntumelle, ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao; mme bona, phallo e ka leihlong la hao?
Moikaketsi ke wena, ntsha pele leballo le ka leihlong la hao; ke moo o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.
Mofarisi a ema, a ithapella, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Ka baka leo, wena motho, leha o ka ba mang le mang ya ahlolang, ha o na boitatolo; hobane wena ya ahlolang o etsa tsona tseo.
Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna ba moea, le mo tsose ka moea o mosa; o itebele, o tle o se ke wa lekwa le wena.