Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
Mattheu 7:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya se ke ya wa: hobane e ne e theilwe hodima lefika. Sesotho 1909/1961 (SO) mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo; mme ha e a ka ya wa, kahobane motheo wa yona o le letlapeng. BIBELE Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa. Baasraak Sotho NT Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya se ke ya wa: hobane e ne e theilwe hodima lefika. |
Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.
E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.
Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya wa: mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.
Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;
Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho.
Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko, hobane mohla a lekilweng, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Jehova a o tshepisitseng ba mo ratang.
Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.
E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.
Ba tlohile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hojane e ne e le ba rona, ba ka be ba ile ba dula le rona;