Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.
Mattheu 7:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha se bohle ba reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena mmusong wa mahodimo; empa ke ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. BIBELE “Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Baasraak Sotho NT Ha se bohle ba reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena mmusong wa mahodimo; empa ke ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. |
Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.
Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Iponeleng, le tle le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana; gonne ke lo raya ke re: Baengele ba bone kwa legodimong ba bona sefatlhego sa ga Rre yo o kwa legodimong ka metlha.
Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.
A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona.
Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e kene lesoba la nale, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa.
A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;
A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.
Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Modimo, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.
Etlare ha monga ntlo a se a tsohile, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele; mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng;
Hobane ho bonolo hore kamele e kene lesoba la nale, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
Hoja le a ntseba, le ka be le tsebile le Ntate; mme ho tloha jwale le a mo tseba, mme le mmone.
Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
Ho rata ha ya nthomileng ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.
Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba tsa thuto eo, hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.
Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.
Hobane ha se bautloi ba molao ba lokileng pel’a Molimo, empa ke baphethi ba molao ba tla beoa ba lokileng.
E seng ka ho sebeletsa mahlong, jwalokaha ba kgahlisa batho; le mpe le be bahlanka ba Kreste, ba etsang thato ya Modimo ka pelo yohle;
Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.
Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.
a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.
Ka hona, kaha ho sa ntse ho setse ba bang ba tla kena teng, mme ba ileng ba bolellwa molaetsa wa pele ha ba ka ba kena ka baka la ho se dumele.
Hobane thato ya Modimo ke hore, ka ho etsa hantle, le ka fedisa ho se tsebe ha batho ba mawatla,
e le hore nako e setseng ea nama a se ke a hlola a phela litakatsong tsa batho, empa e le thato ea Molimo.
O tla di busa ka lere la tshepe; jwaloka dijana tsa mmopi wa dipitsa di tla thujwa, jwalokaha le nna ke amohetse ho Ntate.
Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.
Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.