Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.
Mattheu 7:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane kahlolo eo le ahlolang ka yona, le tla ahlolwa ka yona, mme tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape. Sesotho 1909/1961 (SO) hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona. BIBELE hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona. Baasraak Sotho NT Hobane kahlolo eo le ahlolang ka yona, le tla ahlolwa ka yona, mme tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape. |
Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.
Fanang, mme le tla fuwa; selekanyo se se molemo, se se katetsweng, se se tshikhinyeditsweng, se se penologang, batho ba tla se naya mo dihubeng tsa lona. Hobane kelo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape.
Empa ke re: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo o tla kotula haholo.
Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.