Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya koena le anise le kumine, mme le lesitse ditaba tse boima tsa molao, e leng kahlolo, le mohau, le tumelo;
Mattheu 5:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tlohela mpho ya hao teng pela aletare, o tsamaye; o boelane le ngwaneno pele, o ntoo tla, o nyehele mpho ya hao. Sesotho 1909/1961 (SO) siya kabelo ya hao moo, pela aletare, o ye ho boelana le ngwaneno pele, o ntano tla hlahisa kabelo ya hao. BIBELE siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao. Baasraak Sotho NT Tlohela mpho ya hao teng pela aletare, o tsamaye; o boelane le ngwaneno pele, o ntoo tla, o nyehele mpho ya hao. |
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya koena le anise le kumine, mme le lesitse ditaba tse boima tsa molao, e leng kahlolo, le mohau, le tumelo;
Ka baka leo, ha o tlisa mpho ya hao aletareng, mme o hopola o le moo hobane ngwaneno o na le taba le wena;
Letswai le molemo, empa ha letswai le tapile, le ka le noka ka eng? Le be le letsoai ka ho lona, ’me le be le khotso har’a lōna.
Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.
Ipolelelanang ditlolo tsa lona, mme lo rapelelane, gore lo tle lo fole. Thapelo ya motho ya lokileng e na le matla a maholo ha e sebetsa.