Mattheu 27:48 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong wa bona a phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se bea hodima lehlaka, a mo nosa. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba e mong wa bona o phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa. BIBELE E mong wa bona a phakisa a matha, a nka semonyametsi, a se kenya aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe. Baasraak Sotho NT E mong wa bona a phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se bea hodima lehlaka, a mo nosa. |
E mong a matha, a tlatsa sepontshi ka asene, a se bea hodima lehlaka, a mo nosa, a re: “Lesang! a re boneng hore na Elia o tla tla ho mo theola.