Mattheu 27:45 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. BIBELE Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. Baasraak Sotho NT Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. |
E ne e le tlhophiso ya Paseka, e batla e eba hora ya botshelela, mme a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona!
Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng hora ya borobong.
Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.
Yaba o bula sekoti; mme ha hlaha mosi sekoting, jwaloka mosi wa sebopi se seholo; letsatsi le loapi tsa fifala ka ntlha ya mosi wa molete.