La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:74 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.

Ver Capítulo

BIBELE

Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla.

Ver Capítulo



Mattheu 26:74
19 Referencias Cruzadas  

Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Bosiung bona, pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.


Yare hoba ho fete nako e telele, ba emeng teng, ba re ho Petrose: Kannete, le wena o e mong wa bona; hobane puo ya hao e a o bontsha.


Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.


Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Kajeno, bosiung bona bona, mokoko o eso ho lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.


Empa a latola, a re: Ha ke tsebe, ha ke utlwisise seo o se bolelang. Yaba o tswela mathuleng; mme mokoko wa lla.


Petrose a re: Monna, ha ke tsebe seo o se bolelang. Mme hang, a sa bua, mokoko wa lla.


Petrose a boela a latola, mme mokoko wa phakisa wa lla.


Hobane ke ne nka lakatsa eka nna ke rohakilwe ke tlohile ho Kreste bakeng sa banabeso, bao e leng beso ka nama.


Ekare ha motho a sa rate Morena Jesu Kreste, e be anathema Maranatha.


Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, ke ba laya: tjheseha ke hona, mme o bake.